Bolekane bo etsang nalane ho netefatseng phepelo e ea metsi e tšepahalang ea masimongoana a moreho, Liofising tsa Lekhotla la Setso, le lithong tsa baahi
AfriForum, Setho sa Phethahatso sa Ntlo ea Naha ea Baetapele ba Setso le Khoi-San (NHTKL), Saai le ofisi ea Morena e Moholo oa Setso Morena Montoeli Mota oa Batlokoa Ba Mota kajeno ba phatlalalitse ho kenya tšbetsong e atlehileng ea mokhoa oa phepelo ea metsi ka sola (solar) e fepelang metsi ka ho tšepahala liofising tsa Lekgotla la Setso la Batlokoa Ba Mota le tšimo ea lehae ea meroho. Tšimo ea meroro e ke ke ea fepela meroho feela ho mokgoa oa phelo ea lijo (feeding scheme) lehaeng, e mothating oa joale e tobaneng phepelo e haellang ea meroho, empa hape e tla e hlahisa monyetla bakeng sa litho tsa baahi bakeng sa thupelo, phetisetso ea bokgoni le ho sebeletsa lekeno la chelete. Tanka ea metsi, e fang litho tsa baahi phihlello ea metsi, hape e ile ea kenngoa tšebetsong. Hona ho etsahala ha NHTKL e nka khato ea ho etella pele ho phethahatsa bolekane bo etsang nalane joaloka karolo tlhomamiso ea Thuto ea Sehopotso sa Selemo le Selemo ea Lenaka (Lenaka Memorial Lecture) e neng e tšoare Sekolong se Phahameng sa Manthatisi Sedibeng, Tsheseng, Provenseng ea Freistata mafelong a 2024.
“Phepelo e tšepahalang ea metsi liofising tsa Lekhotla la Setso, e bapalang karolo e ea bohlokoa bophelong ba sechaba sa rona, e tla thusa haholo ho busetsa seriti sa rona joaloka sechaba sa mahaeng. Ke nyakaletse ke monyetla o etsang phapang o hlahisoang ke tšimo ea meroho. Batho ba ka le ‘na re motlotlo ke bolekane bo tlisang tšepo mme bo kenyana boleng bo sa feleng boreneng ba rona,” ho rialo Morena e Moholo Montoeli Mota, Morena e Moholo oa Batlokoa Ba Mota oa baahi ba litso tse fapaneng.
“Thuto ea Sehopotso sa Selemo le Selemo ea Lenaka e sebetsa joaloka motheo oa ho keteka bojalefa ba rona bo uneng re ntse re ntšetsa pele tsoelopele e kenyeletsang bohle ea phelisano le moruo ka hare ho baahi ba litso tse ngata. Re latela katamelo ea ho matlafatsa lilekane, ho ntlafatsa bokhoni bo amanag le mekhatlo, le ho sibolla menyetla bakeng sa kholo e intšetsang pele. Re khothetse hore boithaopo bona bo tla lebisa ho thehoeng ha marangrang a prorojeke e nang le bokhoni ba ho siea lefa le letle,” ha rialo Kgosi Thabo Seatlholo, Molulasetulo oa NHTKL.
“Ke monyetla o moholo oa AfriForum ho ba molekane oa NHTKL boithaopong bona, bo sa etseng seabo feela se lebisang ntšetsopeleng ea phelisano le moruo, empa se matlafatsang boitsebahatso ba setso le ho bopa bocha setso se phetseng hantle se iponahatsang, joalokaha mahlakore ana a le bohlokoahali bakeng sa baahi ba litso tse fapaneng ho fihlella bokhoni ba bona ka botlalo. Rea leboha bakeng sa litho tsa rona le batšehetsi ka lichelete ba projeke ena e re behang boemong ba ho ba le seabo se lebisang ho etsa tumellano ea bochaba, ho ikemela le ho feta le ho itšepa. Likhokahanyo tsa baahi ba litso tse fapeng, tse bopiloeng mahareng a baahi ba boemo bo tlase ba litso tse fapeng bo thehiloeng holima ho kutloano le tlhomphano, e a matlafala ‘me e betla tsela bakeng sa bokameso bo atlehileng bakeng sa bana ba baahi bohle ba litso tse fapaneng naheng,” ha rialo Barend Uys Hlooho ea Litso tse Ngata ea Likamano le Tšebelisano ( Head of Intercultural Relations and Cooperation) ho AfriForum.
“Ha ho karolo ea moruo e ka thehang menyetla e mengata ho hlahisa bofumi nakong e khutsoane joaloka temo. Re hloka ho hlahisa lijo tse eketsehileng ka potlako naheng ea rona, ‘me ka lebaka leo re hloka borapolasi ba bangata. Re motlotlo bakeng sa monyetla oa ho matlafatsa litho tsa baahi harehare mahaeng, libakeng tsa mobu o kopanetsoeng ho loantša phepompe le ho etsa bophelo ka temo,” ha rialo Dr Theo de Jager, Modula setulo oa Boto e nang le khahleho temong, Saai.







